Monday, April 28, 2008

SOTHO

1803 - Sotho

EKA KGONA KE ETSE ENG HORE KE TLE KE PHOLOSWE?

Arranged in the very words of Inspired Men

1. DUMELA ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa (Diketso 16:30,31 ). Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang (BaHeberu 11:6). Athe ya sa tlo dumela v tla tsuwa (Mareka 16:16). Hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona (Johanne 8:24). Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi! (Jakobo 2:17).

2. BAKANG, mme e mong (Diketso 2:38). Haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle (Luka 13:3,5) Empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake (Diketso 17:30). Efela le baditjhaba o ba neile pako e isang bophelong (Diketso 11:18).

3. ME O BOLELA tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe (BaRoma 10:10). Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa (BaRoma 10:9). Mang le mang ya mpak.ang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong (Matheu 10:32). O Kreste. Mora wa Modimo ya phelang (Matheu 16:16). "Ke a dumela hore Jesus Kreste ke Mora wa Modimo" (Diketso 8:37).

4. KOI:OBETSO hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele (I Petrose 3:21). Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa (Mareka. 16:16). Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya,a ke ke a kena Mmusong wa Modimo (Johanne 3:3,5). A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona (Tite 3:5). Bakangm mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le l.shwarelwe dibe tsa lona (Diketso 2:38). Ema, kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae (Diketso 22:16). Kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste (BaGalata 3:27). Re kolobeleditswe lefu la hae? (BaRoma 6:3). Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha (II BaKorinthe 5:17).

RE TLE RE PHELE RE LE SEDI, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona. Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle (Tite 2:12_14).

MME LE BOLOKA TSOHLE kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng (I BaKorinthe 11:2).

MOHAU wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle (Tshenolo 22:21 ).

Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona (Tshenolo 22:14).

Arranged by J.D. Phillips

Don't be left behind when the Lord Comes!

--------------------------------------------------------------------------

2865 - Sotho (Halalelang)

Nka Utlwisisa Jwang ha e Mong a sa Nkenye tseleng?

Diketso 8:26-40

26. Yaba lengeloi la Morena le bolella Filippi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.

27. Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa marumo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;

28. O ne a kgutlela ha habo, mme o ne a dutse koloing ya hae, a ntse a bala buka ya moporofeta Esaia.

29. Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.

30. Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?

31. Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.

32. Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a shlamisa molomo wa hae,

33. Kahlolo ya hae e phethilwe boikoklobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa ;efatsheng.

34. Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na?

35. Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengololeo ho mmolella tsa Jesu.

36. Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?

37. Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

38. Yare hoba a laele hore kolo e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.

39. Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswele pele tseleng ya lona le thabile.

40. Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

No comments: